Kamoli o beha meja fatše

Ka litlatse le menyakoe, litho tsa Sesole sa Lesotho li lakalelitse eo e neng e le Molaoli oa sesole, Monghali Tlali Kamoli tsela- tšoeu le katleho h`a ea pholomong.


H`a bua moketeng oa ho nehelana ka marapo a boeta-pele ho mohlahlami oa hae, ka Labone, Maseru, Monghali Kamoli o itse o motlotlo ka seo a se fihletseng tlas`a boeta-pele le botsamaisi ba hae.


“Ha ho letho leo ke ikoahlaeang ka lona hoba sohle seo ke se entseng ke se entse lebitsong la sesole le naha ena, leha ho le joalo ke motho oa nama le mali, `me ekaba ke ile ka khibela”, a rialo.


A hlalosa hore ho tloha mohla a neng a nka kano ea ho etella pele sesole sa Lesotho, o ne a kope liofisiri tsa sesole le mabotho ho tsitlallela bonngoe, empa ka bomalimabe hore tse ling tsa sesole li ile tsa ikhethela ho se mamele. A re tse ling tsa liofisiri le litho li chankaneng, ha ba bang ba balehetse naheng ea boahelani.


Ho feta mona a supa hore molemong oa hore Basotho ba ka holimo ho 40 000 ba tle ba pholohe le ho phela tlas`a lipehelo tsa AGOA, o khethile ho tlohela bolaoli ba sesole leha e le hore nako ea hae e ne e saletsoe ke lilemo tse hlano.


A fera ka ho ipeletsa ho mohlahlami oa hae e leng Monghali Khoantle Motšomotšo ho tsoelapele ho sebetsa ka botšepehi le boitelo. A supa hore o kholisehile hore mohlahlami oa hae ke motho ea nepahetseng ho etella sesole pele, ‘me a kopa litho tsa sesole ho mo tšehetsa kahohle e le hore sesole se tle se tsebe ho etsa mosebetsi oa sona oa ho sireletsa naha, Basotho le thepa tsa bona.


Ka ho le leng Letona la Tšireletso, Monghali Tšeliso Mokhosi o itse o bohloko haholo hore ebe naha e ipusang ea Lesotho e qobelloa ho ikamahanya le litakatso tsa batho ba sa e buseng.


A hlalosa hore ka selemo sa 2004 ho bile le nehelano ea marapo a boetapele ba sesole lipakeng tsa retired Lieutenant General Makhula Mosakeng le Lt General Thuso Motanyane.


A re ka nepo ba nehelane ea marapo e tšoanela ho etsoatsoa pontšeng ea sechaba. Ka hona a bontša hore ho fetoloa boeta-pele ba sesole ka 2014 e ne e le lefeela , ebile e le thoko le litloaelo le melaoane e tsamaisang sesole.
A qetella ka ho supa Monghali Kamoli e le nku ea sehlabelo, ‘me joaloka lesole la `nete o itelletse hore Basotho ba se lahleheloe ke mesebetsi. A thatiselletsa ka ho lebohela ka mosebetsi o khabane oa lilemo tse 33 e le setho sa Sesole sa Lesotho.


Ho sa le joalo, Mookameli e mocha, Monghali Khoantle Motšomotšo o ipilelitse ho bo-ralipolotiki ho ntša sesole leroleng la lipolotiki. A bolela hore eena ke motho ea tšepahalang empa ea tšepahalang lintho tse molaong feela e seng ho hong.


A re bontša hore bolaoling ba hae sesole se tlil`o sebetsa `moho le ho tšehetsa `muso o litulong e seng ho kena litabeng tsa polotiki. A leboha ea mo fang marapo ka ho sebeletsa ntlafalo ea sesole ka mekhoa e mengata. A theta ka hore ke tlotla e kholo ho eena ho fumana monyetla oa ho etella-pele sesole , `me a tšepisa ho etsa mosebetsi oo ka boitelo.


Ka tsela e tšoanang, Tonakholo Dr Pakalitha Mosisili o itse Monghali Kamoli ke motho ea sebete ea hlokoang le ho hobosoa ke ba bangta ba sa tsebeng makhabane a hae. A supa hore ke lesole la `nete le iteletseng ho furalla boiketlo ba hae molemong oa naha.


“Re le sechaba se ipusang re tšoanela ho sebetsa kathata hore re tlohe bokopa-kopeng bo re etsang lisono tsa linaha tse ling, haholo moruong e le hore re tle re tsebe ho phela ka liqeto tseo re iketselitseng tsona. Re ka mpa ra lapa ho e-na le ho busoa ho ea ka litakatso tsa batho ba bang,” a rialo Dr Mosisili.


A toboketsa hore o leboha Monghali Kamoli ka mamello ea hae, kaha e le lekhetlo la bobeli a kharameletsoa kantle molemong oa hore bohle ba khangoeng ke polotiki ba tle ba tsebe ho hema. A bolela hore ho tlohela mosebetsi ha motho oa sebopeho le boleng ba hae ke tahlehelo e kholo ho `muso.


Leha ho le joalo a re Sesotho se re moleleka khoale o e isa liselong, ka hona re o lumela hore ho theoha setulo ha Monghali Kamoli ho tlil`o mo tsoalla namane e tona, etsoe`muso o ntse o na le bolokolohi ba ho mo thonyetsa pitsong e fe kapa e fe eo o ka khahloang ho etsa joalo.


Dr Mosisili a phethela ka ho pheta mantsoe a hae a hore Kamoli ke mohlanka ea khabane, ea tšepahallang sesole le naha, a re makhabane a hae a tsoile matsoho. A re ha e ne e le ka takatso ea hae le `muso, Monghali Kamoli a ka be a tsoelapele ho etella pele sesole.


Monghali Kamoli o theoha setulo sa boetapele ba sesole sa Lesotho kamor`a hore Komisi ea Liphuputso ea SADC e khothaletse hore a tlosoe bolaoling ba sesole. Har`a tse ling naha ea Amerika e ile e entse pehelo ea hore e tla nchafatsa AGOA ha feela likhothaletso tsa SADC li ka kenngoa tšebetsong.

 

 

 

BOIPABALLO 'MILENG

109 (2) Moo ebang lekhotla la molao le ntšitse taelo ea hoe motho ea itseng, o hloketsoe tokelo ea ho fumana lengolo la ho ithuta ho qhoba, mongoli oa lekhotla kapa lehlahane la hae, le tla ntša tsebiso e eang ho Traffic Commisioner, ho tsebisa qeto ena.


(3) Moo ebang lekhotla la molao le ntšitse taelo ea hore lengolo la molao le ntšitse taelo ea hore lengolo la ho qhoba, kapa tumello ea ho qhoba, e hlakotsoe, mongoli oa lekhotla leo la molao, o tla romella lengolla lengolo leo la ho qhoba, kapa tumello ea ho qhoba, ho ofisi e ntšitseng lengolo leo.


(4) Lengolo la ho qhoba kapa tumello ea ho qhoba e fanyehiloeng ka taelo ea lekhotla la molao, kapa mongoli oa hae, nakong eo le fanyehiloeng, ‘me ha nako ea ho fanyolloa ha lona e fihla, le khutlisetsoe ho mong’a lona haeba e le kopa.


(5) Moo ebang lengolo la ho qhoba kapa tumello ea hoqhoba e hlaha libukeng tsa lekhotla le sentsoe, kapa ho hlakoloa ho hang, ho senngoa ho, le ho hlakoloa, ho tla nkuoa ho amme mangolo ohle le tumello tsohle tseo mong’a tsona a nang le tsona.


(110) (1) Kaholiomo ho matla ao ofisiri tsa sepolesa li nang le ona, kamoo ho hlalositseng molaong ona, ofisiri ea sepolesa e na le matla a ho etsa tse latelang:


(a) Ho tšoara le ho koalla koloi eo ebang e belaelloa ka hore ho sebelisoa hoa eona ho ka qetella ho bakile kotsi ho basebelisi ba banmg ba tsela, kapa hore mong’a koloi kapa moqhobi oa eona a ka ba a qobile qoso kapa ho lefisoa molato oa tloo ea molao.


(b) Hore ka tsebiso e ngotsoeng, mong’a koloi kapa eo koloi e sihiloeng ho eena, a etse hore o isa tlhahlobang koli eo ho ka fumanehang hore ha e ea lokela ho tsamaea ‘mileng oa sechaba.


(c) Hore ofisi ea sepolesa e late mong’a koloi, e mo batle lengolo la ngoliso ea koloi, lengolo la morekisi oa koloi hammoho le lengolo le pakang hore koloi ha e na lipha, e loketse tsela, moo ebang mangolo a joalo a fumanoe kantle ho malao ea Lesotho.


(d) Hore ofisi ea sepolesa e hlahlobe koloi ho ikhotsofatsa hore lipampiri tsa koloi e fela e le tsa litokomane tsa koloi e hlalositsoeng temaneng ea (c).


(e) Ofisiri e tšoare litokomane tsa koloi e hlalositsoeng tamaneng ea 9c) tseo hp fumanehang hore ha se tsa molao, kapa ebang ho na le moo li fetotsoeng teng kapa hona ho silafatsoa, ‘me moo ebang ho tšoeroe litokomane, ho tlameha hore ho ntšuoe setlankana se pakang taba tseo.


(4) Ofisiri ea sepolesa e tlameha ho fumana ho moqhobi, kapa motho ea filoeng boikarabelo ba koloi, hore e fane ka lebitso le ateese ea hae, le tsohle tse tla nolofatsa ho mo khetholla har’a batho ba bang.


(g) Ofisiri ea sepolesa e tlameha ho batla ho motho ea khannang, tumello eo a e fumaneng ea hio qhoba koloi eo, esita le tsohle tse mo lumellang ho ba le tsona, ho latela lipehelo tse hlahang molaong ona.


(h) Ofisiri ea sepolesa e tlameha ho batla ho moqhobi, lebitso le aterese, le tsohle tse tla nolofatsa taba ea ho mo khetholla har’a batho ba bang.


(i) Ofisiri ea sepolesa e tlameha ho fumana tsohle tse tla nolofatsa taba ea ho khetholla moqhobi kapa mong’a koloi.


Ofisiri ea sepolesa e lebeletsoe hore e ipapise ;e boemo ba litaba malebane le taba e ntse e batloa, ka hore ba etse tsebiso efe kapa efe empa e ipapisitse le molao, e kene kapa kae ho etsa lipatlisiso tsa ho fumana koloi e amehang kapa mong’a koloi neng ka neng moo ebang e bolokiloe teng.


Ofisiri e tlameha ho hlahloba kapa hona o thakhola lipatlisiso ke ba nang le litsebo ho fumana hore na mariki a koloi a boemong bo fe kapa sepha sefe kapa sefe kapa sa koloi hammoho le tse fumanaoeng koloing ho ikhotsofatsa hore tsohle tsena li ipapisetse le hae tse hlalositseng molaong ona. Ho lebelletsoe hore haeba ofisiri eo ea sepolesa ena le tsebo ea tsa makoloi, e tla qhaqholla litšepe tseo ho belaelloang hore li na le liphoso, kantle le haeba motho ea ikarabella koloing a na le khanyetso, teng o tla nka bohato bo lateng:


(l) A nke litekanyo tsa koloi, kapa tsa thepa e laetsoeng kapa ha ho kopelloa boima ba koloi hammoho le ba ho isoa sekaleng moo e ilo bekhoa, ‘me teng ho tla hlokahala hore ha ho methoa boima, motho le thepa koloing li theeoloe.