NAKO E SE E LEKANE MOTINYANE BAKENG SA LIKOPO TSA POLOMITI E IKHETHANG EA AFRIKA BOROA
Ka ka nako e telele Basotho ba phelang Afrika Boroa ka thoko ho molao ba phela ka letsoalo le ho hloka bolokolohi, ‘me sena se ne se thefula maqhama a setsoalle lipakeng tsa linaha tsena tse peli. Ke ka khoeli ea Mphalane ngoahola, ha ‘muso oa Afrika Boroa le oa Lesotho, ka Matona a Makala a tsa Lehae a linaha tsena tse peli; Bahlomphehi Malusi Gigaba le Adv. Lekhetho Rakuane ba tekena tumellano ea hore Basotho ba phelang Afrika Boroa ka thoko ho molao e le ka tšebetso, khoebo kapa ho kena sekolo, ba fumantšoe monyetla oa ho etsa likopo tsa polomiti e ikhethang ea ho phela naheng eo ka bolokolohi.
Monyetla oa ho fumantša Basotho ba phelang Afrika Boroa ho etsa likopo tsa polomiti e ikhethang e fihla pheletsong ka Tšitoe. Tšebetso ena e ile ea qala Tlhakubele Monongoaha e felloa ke nako Phuptjane selemong se holimo. Nako ea ho koala likopo ha e fihla, ho hlokomelehile hore lenane la likopo le tlaase haholo, ‘me taba ena e bile qholotso e kholo e ileng ea susumetsa hore nako ea likopo e eketsoe ho fihlela Loetse, empa le eona nako eo hae fihla likopo tsa bonahala li ntse li le tlaase haholo, ke ka hona ho ileng hoa fihleloa qeto ea hore ho boeloe ho eketsoe nako ho fihlela khoeli ea Tšitoe selemong sona sena.
Mongoli e moholo oa Lekala la tsa Lehae, Adv. Borenahabokhethe Sekonyela o ipiletsa ho Basotho ba phelang Afrika Boroa ka thoko ho molao, ba sebetsang, ba kenang sekolo kapa ba hoebang ho sebelisa monyetla ona oo ba o fuoeng oa ho etsa likopo tsa polomiti e ikhethang pele ho mafelo a khoeli ea Tšitoe.
Sekonyela a tsoela-pele ho hlokomelisa Basotho hore, keketso ena ea likopo tsa polomiti e ikhethang e bontšitse tsotello le sepheo se seholo seo naha ena ea Afrika Boroa e nang le sona ho thusa Basotho ho phela naheng eo ka bolokolohi.O boetse a bontša hore Lekala la tsa Lehae le sebetsa ka boikitlaetso bo matla ho thusa Basotho ho etsa likopo tsena tsa polomiti e ikhethang, leha ho le joalo ho latela lipalo-palo tsa Basotho ba phelang Afrika Boroa, lenane la likopo le tsamaea ka monyebe o moholo. Mongoli e moholo oa Lekala la tsa Lehae u se a ipiletsa ho Basotho bohle ba phelang Afrika Boroa ka thoko ho molao ho folofela leraha kaha nako e se jele motinyane, ba se tlohe ba aha serobe phiri e se e jele.
Mongoli e moholo oa Lekala o se a kopa Basotho bohle le ba phelang Afrika Boroa ka mabaka a fapakaneng a lokolisitsoeng pejana ho sebelisa monyetla ona oo ba o fuoeng. A hlokomelisa Basotho hore hang ka mora hore nako ea likopo tsa polomiti e ikhethang e fihle pheletsong, Basotho batla beng basa etsa likopo tsa lipolomiti tse ikhethang, batla tobana le liqoso tsa ho sebetsa, ho kena sekolo le ho hoeba ka thoko ho molao Afrika Boroa.