AHF e khothalletsa Basotho ho boloka tšepiso
Ho tloha 2014 ho fihlela hajoale ke batho ba ka bang 3,103 ba fumaneng kalafo khahlanong le tšoaetso ea HIV setsing sa bophelo sa Sepolesa Katlehong (AHF).
Sena se hlahelletse bekeng e fetileng, moo AHF e neng e tšoaea letsatsi la lefatše la HIV/AIDS ka mohoo o reng ‘boloka tšepiso’ (keep the promise) ka ho hopola ba oeleng moleng oa ntoa le ho tsosolosa ba ntseng ba phela le tšoaetso ho ipaballa le ho qoba litšoaetso tse ncha.
Mookameli oa litšebeletso tsa bophelo setsing seo, Monghali Tapiwa Tarumbiswa o hlalositse hore setsi sa habo se hlahloba bakuli ba 2,198 ka khoeli ha ka letsatsi khakanyo e le bakuli ba 110.
A re ka khoeli setsi se lahleheloa ke bonyane mokuli a le mong a hlokahalang ka lebaka la kokona-hloko, ‘me taba-tabelo ea bona ke hore ho se hlole ho e-ba le motho a bolaoang ke tšoaetso ea HIV.
E le ho fihlela sena, Monghali Tarumbiswa a re Mosotho e mong le e mong o lokela ho boloka tšepiso ea ho loantša HIV. Ka mokhoa o tšoanang a re setsi sa AHF se itlama ho boloka tšepiso eo ka ho hlokomela sechaba hobane bophelo bo tla pele.
A ipiletsa ke hona ho sechaba ho tsoelapele ho tla litšebeletsong le ho hlahlobela lefu la HIV, ‘me ba fumanoang ba e-na le tšoaetso ba tšepahalle litlhare ba tle ba phele ha lelele. A boela a re Sepolesa se sebelise setsi seo hoba ke setsi sa bona se khethehileng.
Ho sa le joalo, Moemeli oa Mokhatlo oa Machaba o sebetsanang le litaba tsa AIDs Lesotho (UNAIDS) Mofumahali Alti Zwandor o hlalositse hore mokhatlo oa habo o ikemiselitse ho tšoarana ka matsoho le Lesotho ho hlola sera se HIV.
A re ke boikarabello ba motho e mong le e mong ho theola tšoaetso ea HIV ka 75% ‘me UNAIDS eona e tla etsa ka matla hore lisebelisoa li be teng ka nako tsohle.
Letona la Sepolesa, Monghali Phallang Monare o ipilelitse ho bohle ba senang tšoaetso ho thusa le ho tšehetsa ba nang le eona, ba ntse a boela a itlhokomela le bona hore e qoba.
Leha ho le joalo a supa hore Lesotho le se le hatetse pele, ‘me ‘muso oa kopanelo o lokela ho matlafatsa le ho hlomathisa melao e tsamaisang litaba tsa bophelo.
Ha Letona la Bophelo, Monghali Molotsi Monyamane a ile a thatiselletsa ka hore Lekala la Bophelo le entse mekutu eohle ho loantšoa lefu lena ‘me ke tokelo ea mang le mang ho tseba boemo ba hae.
A tšepisa ke hona hore litlhare li tla ba teng litsing tsohle tsa bophelo ka nako eohle e le ho akofisa litšebeletso le ho boloka tšepiso (keep the promise). H’a tsoelapele a re ho lokela ho be le litsi tsa mofuta oa AHF literekeng tsohle molemong oa Sepolesa se fumanehang ka maluting kaha le bona ba lokela ho tšeba boemo ba bona.
Mookameli oa setsi sa AHF, Mofumahali ‘Mapaballo ‘Mile o ipiletsa hore nakong ena eo naha e ketekang matsatsi a 16 khahlanong le tlhekefetso ea bana le basali, ho lokeloa ho sebeletsoe le ho felisa tlhekefetso hobane ke ea tse ling tse bakang bohloko ba lefu lena la HIV.
A re bonyane batho ba robong kahar’a ba leshome ba lokela ho tseba boemo ba bona.
AHF e thehiloe linaheng tsa machaba ka 1987 ka sepheo sa ho hlokomela batho ba phelang le tšoaetso, ’me e sebetsa linaheng tse 36 , e fihlile Lesotho ka 2013.

