Ba reng Batho?
Jeanet Moteoli: Ke qholotso haholo ha mocha a iphumana e le mokhachane a sale lilemong tse tlaase. Bacha ba se basa ipaballe ebile ha bana litlhong tsa ho kena thobalanong pele ho lenyalo. Ho senyeha ke ntho e mpe e hlokang ho tsoeloa ka mathe kaha e ka baka khatello ea maikutlo ho mocha. E ka etsa hore mocha a siee sekolo ka lehare, ea baka le phallo e phameng ea mali le mathata a bophelo ho lesea le `ma. Bacha ba iphumanang e le bakhachane ba lokela ho etela litsi tsa bophelo ho fumana thuso ka tsela ea tlhabollo, tataiso le tlhokomelo e nepahetseng ea lesea. Keletso ke lebone hoba e utloang.

'Malehloa Mashoabathe: Bokhachane bo ama mocha
ka hore ha a ntse a le sekolong e tla sitisa mocha ho
ntsetsa lithuto tsa hae pele ka nako ka ha a tla be a
lokela ho nka boikarabello ba ho hlokomela ngoana
eo oa hae. 'Me 'na ke khothaletsa bacha ho sebelisa
likhohlopo molemong oa ho qoba mafu a likobo le ho
thibela pelei e sa reroang. Tsena tsohle li re sitisa ho
ntsetsa litoro tsa rona pele. Bacha ha re itlhokomeleng
re ile thobalano pele ho lenyalo ka ha sena se sa senye
fela seriti sa rona, empa le melapa abo rona `moho le
naha ea rona ka lipalo tse holimo tsa bacha ba etsang
bana ba sale lilemong tse tlaase.
Realeboha Monethi: Ha ke kholoe ho ka ba le mocha ea rerang ho iphumana a entse thobalano kantle ho boitsireletso. Ke nahana hore bokhachane bo ka etsahala ka phoso ho mocha e mong le e mong. Ke khothaletsa bacha ho ithuta ka litla-morao tsa ho iphumana e le bakhachane ba sale lilemong tse tlaase e le ho qoba ho holisa ngoana ea senang ntate. Hape, hona le litsi tse tsoanang le bo LPPA, tse rutang bacha ka litaba tsa thero ea malapa tse amanang le bophelo bo botle le kholiso e ntle ea bana. Batsoali le bona ba tsoanela ho lula fatse le bana `me ba ba rute ka bohlokoa ba ho ila thobalano pele ho lenyalo.

Tsepiso Letsoara: Eona e teng, e ea phela. Empa ke
sitoa ho e nyefola hobane batsoali, matichere, likoranta
le liboholi ha li bapale karolo e lekaneng ho thopothetsa
thuto ho rona bacha mabapi le bokhachane lilemong
tse tlaase. Metse eo re phelang ho eona, bokhachane
bo sa reroang bo beha mocha tlasa khatello, likhoboso
le litsoko. Ka bomali-mabe taba ena e ama banana
haholo ho feta bashanyana ka hore ke bona ba jarang
boikarabello ho fihlela ngoana a hlahile.
'Mapakiso Tsephe: Taba ena ea bokhachane bo sa reroang ke e ts'oela ka mathe haholo 'me e bohloko haholo ha e tla ka lehlakoreng la moroetsana hobane ha a se a le 'meleng, o tlo lokela ho tlohela sekolo 'me a eme le monn'a mateneng. Nako e `ngoe mohlankana ebe o hana molato, ngoanana o sala le kenya-kenya ea ho holisa njoana ea senang ntata`e. mocha o lokeloa ke ho natefeloa ke bocha ba hae, a kene sekolo, a ithukhubetse le lipapaling tse kenyang letsoho kholong ea mocha e mong le e mong. Ke khothaletsa bacha ho nka karolo mesebetsing e teng kahar`a metse eo ba phelang ho eona e le ho thakelana ka malebela mabapi le litaba tse amanang le boipheliso, boithapollo le bophelo bo botle.




