Tseba ka bahlomphehi

Ke Lethusang Daniel Kompi. Ke hlahetse haeso Emqhekezweni Botheta Letlapeng Phamong Mohale’s Hoek ka la 3 ‘Mesa 1960. Ke ngoana oa bobeli oa mofu Ntate Leroma le ‘M’e ‘Malebohang Kompi. Re tsoetsoe re le bahlano lapeng, ngoanana o mong.


Ntate of fetile ka 1985. ‘M’e e ne e le Ausi Nonkole Khesa oa Liqala Qomo-Qomong, Quthing.


Ke na le molekane, ‘M’e ‘Mamonyane Kompi, re nyalane ka 1985. E ne e le Ausi Julia Mokoteli oa Phamong Ha-Khoai. Re sitsitsoe ka bana ba bararo, letsibolo Monyane; e-be Lephethephethe, eo hore a hlahe nako ea lihoranyana a thoba; khaitseli ea bona ‘Malikonelo, le setloholo sa ngoanana, Noziqa Kompi.


Ke kene sekolo sa mathomo Letlapeng Primary School, Phamong Letlapeng, Standard 1 – 7, 1973 - 1979. Ka 1980 ka kena Masitise High School, Quthing ho etsa Form 1, ka sitoa ho phethela selemo seo ka lebaka la khahello ea lichelete.
Ka tla ho sebetsa Maseru, ka ntšetsa-pele lithuto tsa ka lilemo tse peli Lesotho High School, ke kena nakong ea mantsiboea moo ke neng ke ipatalla, 1981 – 1982. Ha ke lokela ho etsa Form C ka lahleheloa ke mosebetsi oo hoba konteraka ea mong’a ka ea hoba Lesotho e fele a nt’o etsa qeto ea ho khutlela ha-habo India.


Eo mon’ga ka o ne a hirile moahong oa khoebo, ‘me ho ea ileng a kena moo, ho ile ha hlaka esale sethathong hore ha re na ho utloana, ka tlameha ho ba ka thoko ho tšebetso.


Ka sitoa ho tsoela-pele ka lithuto ke ho felloa ke mokhoa oa ho lefa. Ka lehlohonolo ka qeta feela khoeli hae, ke ha ke fumana mosebetsi oa li’maene Saaiplaas Gold Mine, Welkom profinseng ea Freistata Afrika Boroa ka 1983. Ka sebetsa ke le moetelli-pele oa sehlopha (team-leader). Ka 1984 ke ntse ke le tšebetsong, ka tsoela-pele ka lithuto setsing se phahameng (Technical College), ka thuto-ka-ngollano le Welkom College, moo ke fumaneng N1 Certificate e neng e ipapisitse le Mining Engineering, ka e fumana ka 1992.


Ka tsoela-pele ka eona tsela eo ea boithuto, moo ke fumaneng N2 Certificate e ntse e ipapisitse le Mining Engineering. Ka e fumana ka 1996.


Ka 1989, ‘maene oa ithaopela ho nkisa sekolong sa nako eohle ea letsatsi (full-time) ho ea ithutela ho qhomisa majoe a morafo. Ka ho nkela hona Welkom College lilemo tse tharo, ka phethela ka Blasting Certificate. Ka fuoa hore ke be ‘maenara oa mokoting. Ke e mong oa sehlopha sa pele sa batho ba batšo ho ithutela certificate sena.


Kamor’a thuto ena ka sebetsa ke ntse ke le le-‘maenara ho fihlela 1996, moo ke ileng ka isoa sekolong hape (full-time basis) lilemo tse peli ke ona ‘maene. Lekhetlong lena ka nkela tsa bolisa ba mesebetsi e etsoang ke li-‘maenara tse ngata libakeng tse fapakaneng tsa mokoti (Shift Overseer). Ka phethela ka Shift Overseer Certificate ka 1998.


Qalong ea 1999 ka khutlisetsoa hae ka phokotso ea basebetsi. Ka lula ho fihlela 2001 ha ba ‘maene ona oo ba nlata selemong seo, moo ke ileng ka sebetsa ho fihlela ka 2010.


Ke sebelitse likhoeli tse tšeletseng boemong bole ba ka ba bo-‘maenara. Ka ba Shift Overseer ho fihlela mafelo a 2010 ha ke khutlela hae ha sechaba sa heso se batla hore ke tlil`o ba le sona ho fihlela ha ho ūoa likhethong tse akaretsang tsa 2012, ele hore se tsebe ho mpha thomo ea hoba Moparamente oa Lebatooa la Qaqatu No. 60.


Se fetse sa phethahatsa sechaba sa heso moo ke ileng ka tla le lebatooa likhethong tseo. Lilemo tse peli le halofo feela ke le mokhethoa pusong eo, ha ‘muso o qhalana naha e e`a likhethong tsa 2015, sechaba sa heso sa boela sa nkhutlisa.
Ke bile Moparamente joalo ho fihlela ka la 9 Pulungoana monongoaha moo Motlotlehi ka keletso ea Mohlomphehi Tona-Kholo a ileng a nkhetha hoba Motlatsi oa Letona la Litaba tsa Lehae.


Ha ke le tšebetsong Welkom ke ile ka tlotloa ka Khau ea ‘Maenara oa Selemo, (Miner of the Year Award), lilemo tse tharo tse latellanang. Ke tlotliloe hape ka ea Molisa oa Selemo oa Litšebetso ka ho fapakana, (Shift Overseer of the Year Award), lilemo tse ‘ne tse latellanang. E ne e tsoaloe ke hore ke ne ke atleha ho fihlela lipehelo tsa hore re sebetse ho fihlela hakae, hoba re ne re li fuoa.


Ka Ntlong ea Bakhethoa, Paramenteng ea Borobeli, ke bile Setho sa Komiti ea Social Cluster. Ke ntse ke le Setho sa Komiti ena Paramenteng ena ea Borobong.


Ke bile leetong la Paramente, 27 – 29 Motšeanong 2016, ho leba Antalya Turkey, re etse Mid-Term Review of the Istanbul Programme of Action. Kopano e bileng Istanbul ka 2011 e tsoetse hore leeto lena la monongoaha le be teng. Eo ea 2011, e thehile tšebetso ea lilemo tse hlano ho batla mekhoa ea hore na linaha tse fumanehileng, tseo Lesotho e leng karolo ea tsona, li ka etsa joang ho tsoa bokhobeng boo. Ke mona moo ea monongoaha Antalya, e bileng boitlhahlobo ba tsa eo.


Ke bile hape moifong oa Lekala la Tekano, Bacha, Lipapali le Boithapollo ho ea labella lipapali tsa li-Olympic Rio de Janeiro Brazil, monongoaha. Ke ile tlasa sekhele sa Social Cluster Portfolio Committee. E ‘ngoe ea mesebetsi ea Komiti ena ke litaba tsa lipapali haholo-holo tlasa Lekala lena.


Ke tsoetsoe lelapeng la Congress. Ntate le ‘M’e e ne e le ma-Congress. Ke qalile ho nka botho ba hoba le-Congress ka 1982 ka tšusumelletso ea ntate. Ke qalile ke le mocha oa Basutoland Congress Party (BCP) haeso Letlapeng. Ke ile li-‘maeneng ka 1983 ke ntse ke le setho sa Lekhotla la lipolotiki la Congress. Ka 1984 ka qala ho ba likomiting ke ntse ke le koo, moo ke bileng boemong ba makalana selemong seo; lekana, 1985 – 1987.


Ka 1988 ka khetheloa ho ea Lebatooeng la No. 86 Free State Province. Ke bile komiting ena ho fihlela 1992 ke ntse ke khethoa selemo-le-selemo. Ka khetheloa boemong bo ka holimo ho bona e leng ba Province ke le setho ka 1993. Ka 1995 ka khethoa hob`a Mongoli oa Province, boikarabello boo ke bileng ho bona ho fihlela ka 2010 hore ke khutlele hae. Ka 2012 ka khetheloa hoba Setho sa Komiti e Kholo ea Democratic Congress (DC), ho fihlela ka Pherekhong monongoaha.


Hore e-be ke tlohile ka ho BCP ho tla ka ho DC e bile jo`ana: ka 1997 ha BCP e aroha ho hlaha Lesotho Congress for Democracy (LCD), re ile ka ho LCD le Moetapele oa rona nakong eo e neng e le Dr. Ntsu Mokhehle. Ka 1998 ra khetha Moetapele e mocha (LCD), Dr. Pakalitha Mosisili.


Ka 2012 ha ho e-ba le karohano moo ho ileng ha hlaha DC, ka ba karolo ea batho ba thehang DC tlasa boetapele ba Dr. Mosisili, eo re ntseng re le karolo ea eona ho fihlela joale.


Litaba-tabelo tsa ka ka puso ke ho bona e tsoela-pele ho fihlela nako ea eona eo e e fuoang ea lilemo tse hlano, e le hore lintlafatso tsohle tse reriloeng ke ‘muso li be le sebaka sa ho phethahatsoa.


Boemong ba lebatooa, re na le lintlafatso tse ngata tse ntseng li tsoela-pele h’a joale. Ka hona le teng ke tiisa hore nako ea puso ea lilemo se hlano e phethahale hore li tsebe ho fihlela katleho.


Mehlala ea merero ena ke litsela tsa lehlohlojane, kanetso ea motlakase, litora tsa lifono tsa thekeng, litsi tsa kokelo metseng, lifato-fato, le kanetso ea metsi metseng.


Metseng le metsaneng hae, ke kenya letsoho ka ho namalla hoba ke hlokolosi bathong haholo ba senang hona. Hona joale, ke ntse ke kenya ngoana sekolo, oa ngoanana Nthabiseng Ranku ea seng a sena batsoali ka bobeli. Ke mo qalile Form A, o qeta ho ngola Form C. Ke tlil`o tsoela-pele ho fihlela a phethela Form E. Ke tlil’o sala morao thuto ea hae le ka nqa eane ho sehlopha seo.


Ke na le bana bao ke ba kentseng sekolo le pele ke e-ba mokhethoa. E se e le litichere, ha ba bang ba le koetlisong ea bona hona joale.


Hona le tlholisano ea bolo ea maoto, nthufe le litolobonya e seng e qalile, e lipakeng tsa lebatooa la haeso le Tšenolo FM e atlehisoang ke ‘na ka litšehetso. E tšoaroa ka la 14 Hlakola selemo-le-selemo ho tšoaea bohlokoa ba letsatsi leo ba hore ho rene lerato lipakeng tsa batho.


Nakong eo ke seng mosebetsing ke rata bolo ea maoto haholo. Ke e bapetse haholo, ke ne ke le khalala. Ke bapalletse sehlopha sa haeso sa Mountain Lovers, le koana morafong ke ne ke e bapala.


Ke rata le temo haholo. Ke motho ea mosa ea ratang batho, haholo ba fumanehileng. Ke rata ho thusa batho ba batšehali haholo litabeng tsa lintlafatso, hobane ke ithutile hore ke boleng bo sekisetsoang haholo. Ba sebetsa ka sekhahla, empa ha ho lokeloa hore ba fuoe litšoanelo ha hōbe joalo. Ke hlokolosi haholo tabeng ena.


Ke mo-Kriste oa Kereke ea Evangeli Lesotho e Boroa ho Afrika (LECSA). Ke ntse ke itokisetsa hoba setho sa Mokhatlo oa Banna le Bahlankana.


Lebitso la ka la mareneketso ke ‘Ofisiri’. Ke le rehiloe ke ntate. Ha a ne a mpitsa ka lona, ke ne ke tseba hore o thabile. Ke ne ke elelloe hamorao ha a nqoqela hore o khethile ho nreha Lethusang a nrehella ka ntate e mong oa lebitso lena li-‘maeneng, ea neng a le lehlohonolo haholo hoo e neng e le ‘Ofisiri’ e kholo haholo moo, e neng e fuoa litulo tse holimo-limo tsa tšebetso tse neng li sehetsoe batho ba lebala le letšo. O nrehelletse joalo hoba a ne a batla hore ke tšoane le Ofisiri eo ka lehlohonolo le katleho.


-Ka Motseoa Moeketsi