Litlolo tsa molao

Banna ba babeli ba hoehla lilemo tse 6 chankaneng

Banna ba babeli Tumelo Mokhethi (21) le Lehlohonolo Mokhethi (28) ba Taung Mohale`s hoek ba ahlotsoe ho hlola ntloana-tšoana lilemo tse 6 ke lekhotla la ‘Maseterata Maseru ka ho fumanoa ba le molato oa ho utsoa le ho pshatla.


Lengolo la qoso le hlalositse hore ka la 18 Phato bobeli bona ka maikemisetso le kathoko ho molao, bo ile ba utsoa thepa ea boleng ba M166.698 oa le-India Ansley Heezah.


Lengolo la qoso le tsoelapele ho supa hore banna bana ba utsoitse thepa e kenyeletsang likomporo, lifono, monitor, seea-le-moea-pono (TV) le tse ling.
Paki nyeoeng ena Thabo Lehakoe, o hlalositse hore banna bana ba ile ba bula keite ka khang, ba kena ka koloi ea moetso oa (runx MU 768) ba ikhapela thepa e boletsoeng.


Leha ho le joalo, Sepolesa se ile sa tlaleheloa taba ena, kahona lipatlisiso tsa sepolesa li ile tsa isa ho tšoaroeng ha baqosuoa.


Ho feta mona, ka boikhethelo ba bona ba ile ba hlahisa thepa eo ba neng ba e utsoitse, `me ba ne ba e patile ha Christian Chemezie.


Baqosuoa ba ipoletse ba le molato, `me le lekhotla le utulotse hore baqosuoa bana ke basebetsi ba hona femeng ea Ansley moo, Tumelo ke moqhobi ha Lehlohonolo e le molebeli.


Bobeli bona bo ile ba ikopela kahlolo e bobebe, ba bolella lekhotla hore ba entse sena hobane ba khola chelete e nyane.
Leha ho le joalo, kamorao ho kahlolo lekhotla le ile la laela hore thepa eo e khutlele ho mong’a eona.