LNFOD e tšoaea letsatsi la ba nang le bokooa
Batho ba nang le bokooa ba ile ba khobokana ka bongata ho tsoa literekeng tse leshome tsa naha Mafeteng ho keteka letsatsi la machaba la batho ba nang le bokooa ka Labohlano.
Mokete o qalile ka mokoloko oa khotso ho tloha selikalikoeng sa sephethephethe ka har’a toropo ho ea lebaleng la Leshoboro.
H’a bua lebitsong la batho ba nang le bokooa, Motlatsi oa Molula-setulo oa ‘Mamekhatlo oa batho ba nang le Bokooa (LNFOD) Monghali Sam Letima o itse ke nako ea hore Lesotho le hlahlobe le ho kenya tšebetsong melao e sireletsang litokelo tsa batho ba nang le bokooa.
A re letsatsi lena le reretsoe ho tlisa kutloisiso ka litaba tse amanang le bokooa, ho tšehetsa seriti le litokelo le boiketlo ba batho ba nang le bokooa.
A supa hore e le batho ba nang le bokooa ha ba khotsofale kaha ba ntse ba sekisetsoa linthong tse ngata tse amanang le bophelo ba letsatsi le letsatsi.
O itse leha naha ea Lesotho e tekenetse molao oa machaba o sireletsang litokelo tsa batho ba nang le bokooa ka 2008, molao oo o ntse o e-so be teng.
A tiisa hore ba lakatsa ho bona molao o ba sireletsang o fetisoa paramenteng ea Lesotho selemong se tlang joalokaha ba tšepisitsoe empa a re ba bona bahlanka ba le lesisitheho tabeng tseo.
Ba boela ba sisinya hore ‘muso o kenye tšebetsong leano leo batho ba nang le bokooa ba tlang ho fuoa litsiane molemong oa ho ntlafatsa bophelo ba bona.
Ba boetse ba lla ka meaho eo ba itseng boholo ba eona ba sitoa ho e sebelisa kaha e sa
-Ka Motseoa Moeketsi arabe litlhoko tsa bona le leano la thuto ho bohle (inclusive education) hore bana ba nang le bokooa ba tsebe ho ithuta joaloka ba bang.
Ho sa le joalo, Mokhethoa oa Lebatooa la Mafeteng, Monghali Temeki Tšolo o ile a tiisa hore batho ba nang le bokooa le bona ba na le litsebo tsa bona tse ikhethang. A thoholetsa batho ba nang le bokooa ba ikopantseng ho hlahisa melangoana (white sticks) seterekeng seo, ‘me a re hoo ke sesupo sa hore bokooa ha bo supe hore motho h’a na bokhoni hape ha se bokulo.
A eletsa Basotho hore ha ba batla ho hlohonolofala ba baballe batho ba nang le bokooa joalokaha lentsoe la Molimo le supa hore, ‘u seke ua rohaka ea tsebe tutu kapa ho beha letho kapel’a sefofu se ka mo khopang.’
“Ha re ba baballeng, re ba hlokomele le ho ba fa lerato molemong oa hore le rona re tle re baballehe, ‘me kaofela ha rona rea lekana mahlong a Molimo” a rialo.
A kopa sechaba hore se tlohele ho utloela batho bao bohloko empa se ba thuse ho fihlela morero oa Molimo bophelong ba bona.
Letona la Ntšetsopele ea Sechaba Monghali Molahlehi Letlotlo o hlalositse hore naha ea Lesotho e itlamme ‘me ke setho sa selekane sa mokhatlo oa Machaba a kopaneng ho sireletsa batho ba nang le bokooa.
A re bokooa ha se bokulo empa ea nang le bona o tlameha ho hlompheloa litokelo tsa mantlha tsa bophelo.
Monghali Letlotlo a re batho ba nang le bokooa ba ntse ba e-na le liqholotso tse kenyeletsang tsa ho sebelisa meaho, khaello ea lisebelisoa, ea litokomane tsa boitsebiso haholo ho ba nang le bokooa ba pono har’a tse ling.
A toboketsa hore ‘muso o thehile Lekala leo ka sepheo sa ho araba litlhoko tsa batho bao ba tlokotsing, le ho sheba tlhabollo ea bona metseng.
Ho feta mona a re ba elelletsoe hore litsiane tseo Lekala le fanang ka tsona ho ba hlokang ha li fihlele litlhoko tsa bona, a re tlhopho bocha ke hore e tle e nyolloe.
A re Lekala le qalile ho thusa batho ba nang le bokooa ho etsa mesebetsi ea boipheliso molemong oa ho ikholla bofumeng.
Ka holim’a tsohle a tšepisa batho ba nnang le bokooa hore ba ikemiselitse ho phethahatsa litšepiso tsa bona.
A re ba ntse ba seka-sekana le molao o tla sireletsa batho ba nang le bokooa ‘me o tla kenyeletsa litaba tsa teka-tekano, tokelo ea ho hiroa, litaba tsa thuto, tšebeliso ea lipalangoang le meaho har’a tse ling.
Letsatsi lena le hloailoe ka selemo sa 1992 ke mokhatlo oa machaba a kopaneng hore le ketekoe ka la 03 Tšitoe ‘me ketekelo ea selemo sena e itšetlehile holim’a mohoo o reng ‘ho fihlela lipehelo tse 17 tsa ntlafatso ea moshoelella ho fihlela bokamoso ba batho ba nang le bokooa’.

