ASTHMA/LETS'OEEA
Lets'oea ke le leng la mafu a sa ts'oaetsaneng a bolaeang sechaba sa Basotho ka sekhahla.
Mohlala oa mafu ana ke tsoekere, mafu a pelo ho kenyelletsa phallo e phahameng ea mali, mofets'e (cancer), mafu a Kelello, likotsi; le Letsoeea.
Asthma ke lefu le iponahatsang ka tse latelang:Matsoao ana a bakoa ke ho ruruha le ho sesefala ha lipeipi tse tsamaisang moea ho ea le ho khutla mats'oafong.
- Ho bipetsana
- Ho hema ka thata le ho lla lesiba ha motho a hema.
Se hlileng se bakang hore motho a be le lets'oeea ha se tsebahale hantle empa pelaelo ke hore maemo a tikoloho ao motho a phelang ho oona mmoho le lefutso li ka bakela motho letsoeea.
Tlhokomeliso:
Re lokela ke ho tsotella maemo a tikoloho ao re phelang ho ona re be re tsotelle ho tseba hore litho tsa malapa a rona a haufi ka kamano na ban
BATHONG BA BAHOLO:
LINTHO TSE KA MPEFATSANG BOEMO BA LETS'OEEA
- ba sebelisang koae
- Ba bang haufi le batho ba tsubang koae
- Batho ba batenya
- Ba nang le beng ka bona ba nang le lets'oeea
- Ba lulang kapa ho sebetsa moo ho nang le moea o sa hloekang
- Mosi. E ka ba oa koae, mollo lisu, patsi , kerese kapa oa eng kapa eng
- Ho hahlameloa ke lithung-thung tsa limela
- Maphele le lerole
- Ho hema moea o batang haholo
- Ho hahlameloa ke Lichemical joalo ka khase, liperfume le tse ling
- Boea ba liphoofolo
- Lijo tse itseng (ho fapana ka batho)
- Litlhare tse ling joalo ka Asprin, Brufen le tse ling
THIBELO LE PHEKO
Fela joalo kaha mafu boholo a sa ts'oaetsanoeng a ka thibeleha, le lena la lets'oeea le ka thibeloa. Re se re hlokometse kaholimo tse ling tsa lintho tse ka bakang kapa tsa feteletsa boemo, mme boholo ba tsona li ama tsela eo re phelang ka eona. Taba ea bohlokoa Ka mohlala, batho ba tsubang ba ka batla thuso bakeng sa ho emisa ho tsuba. Batho ha ba koetla ba khothaletsoa hore mariha tjena ba koetlele ka matlung ho qoba moea o batang. Hlabula teng nako e loketseng ke horeng tsa hoseng le tsa mantsiboea.
Ho koetla le ho ja meroho le litholoana ke ha bohlokoa bakeng sa ho fokotsa mmele o boima.
Ho boloka bohloeki ke ntho ea bohlokoa, ho fiela, ho hlakola lerole le tse ling.
Empa ha bohlokoa ka ho fetisisa ke hore motho ka mong a ele hloko lintho tseo e ka nnang eaba lia mo hlola. Seo se ka etsa hore a fokotse menyetla ea hae ea ho toteloa ke lets'oeea
PHEKO:
- Lipeipi tse fanoang ngakeng. (Salbutamol) kapa beclomethazone.
Se ka etsoang ha motho a bipetsane
- A tsubisoe peipi e putsoa
- A potlakisetsoe ka pelepele setsing sa bophelo ho fumants'oa thuso e potlakileng le ho fuoa moea (oxygen).
a le mafu afeng a ka re amang.
BA TLOKOTSING HAHOLO EA HO BA LE LETS'OEA BANENG:
- Ba khathatsoang haholo ke li allergy
- Ba hlahileng ba le boima bo bonyane
- Bao batsoali ba bona ba nang le lets'oeea
- Ba hemang mosi oa koae





