LCS e shapa Lioli 1 - 0
LCS e hlabisitse Lioli hlohlolingoane ka ho e hlolisa ho phethela phomolo ea keresemese e le tlhorong ea liki e kholo, ka ho e tlabola 1 – 0 ka Sontaha.
Ntlha ea LCS ka Mark Tayahim karolong ea pele ea papali e ile ea tetebetsa Lioli e ileng ea hloleha ho hlaba ntlha kamor’a liteko tse ngata tsa ho hlaba ntlha.
Mokoetlisi oa Lioli Monghali Halemakele Mahlaha o itse papali ena ke e neng e le bohlokoa haholo kaha ba hloka ho atolosa ketapele ea bona e le ho qeta selemo ba le sehlohlolong.
A re ha a lumele hore libapali li na le khatello kaha a ba bolella kamehla hore ba tsepamise mahlo papaling eo ba e bapalang e seng tse ling tse tlang. “Leha ke cho tjena ho ka etsahala hore libapali kaha li bone hore LCS ha e ea bapala hantle papaling ea eona e fetileng, ba lumela hore ba tlilo imathela bolacha, joale ha ba sa fumane boemo boo maikutlo a bona a farasa, ebe ba hloleha ho etsa ntho tseo ba neng ba ka li etsa.”
A re hoa bonahala papali ena e ne e imetse libapali tsa hae ke ka hoo le Tšepo Lekhooana a sa hlabang ntlha leha a li hlabile lipapaling tsohle tseo ba seng ba li bapetse.
Lioli e ne e kentse likhalala tsa eona tse matlahali papaling ena, tse kang Tšepo Seturumane, Tšoanelo Koetle, Tumelo Makhopo empa ba hlolehile ho phunya mola o ka morao oa LCS.
Mokoetlisi oa LCS Monghali Mpitsa Marai o itse ka lebaka la hobane ba lemohile lipapaling tse fetileng hore Lioli e na le libapali tse matla kapele empa tse kamorao li ea fokola, ba ile ba sebetsana le hore bolo e bapalle haholo moleng o kamorao oa Lioli.
Monghali Marai a re libapali tsa hae li mo mametse hantle, tsa ntša moralo oa hae o le joalo ke ka lebaka leo ba hapileng papali ena. “Re lemohile hore Lioli ha e so fumane libapali tse utloisisanang moleng o ka morao. Ebile ba bonahala ba se matjato haholo, ka lebaka leo re ile ra bona monyetla oa hore re ka hlaba lintlha maemong ao.”
Kaha Lioli e ne e eteletse lihlopha pele lokong, ho hloloa ho ile hoa fa Bantu monyetla oa ho ba ka pele. Bantu e morao ka papali e le ngoe, ’me e ka nna ea atolosa sekheo lipakeng tsa eona le Lioli e boemong ba bobeli.
Lihlopha tsohle li qetile lipapali tsa tsona karolong ena ea pele ea selemo sa lipapali, e leng halofo ea lipapali tsa tsona, kantle ho papali ea Bantu le Matlama eo esaleng e chechisoa nakong eo sehlopha sa Matlama se ntseng se emetse kahlolo ea PLMC kamor’a ho loana papali ea bona le Lioli.
LCS e qeta halofo ea lipapali tsa eona e le boemong ba botšelela.


