Ngoetsi ea Machache kamor’a lemati

...Moleleki o theha lekhotla le lecha la lipolotiki

Ka Mamajara Nkuebe

Motlatsi oa mehleng oa Moetapaele oa Lekhotla ea Puso ea Sechaba (DC), ebile e le Mokhethoa oa Machache Monghali Monyane Moleleki o re o entse qeto ea ho theha lekhotla le lecha la lipolotiki.


Sena se hlahelletse ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba ka ‘Mantaha. Monghali Moleleki o re sena se tla kamor’a hore eena, Mongoli e moholo le litho tse ling tse robeli ba behelloe ka thoko ho komiti e kholo ea DC nako ea lilemo tse tšeletseng.


“‘Me nakong ena eo re beheletsoeng ka thoko re keke ra emela likhetho tsa likomiti makalaneng a bona, mabatooeng le likomiti tse kholo tlas’a Lekhotla la DC.”


A re kaholimo ho moo qeto e supa hore litho tsena li se emele likhetho tsa puso ea libaka le tse akaretsang tsa naha tlas’a lekhotla leo.


Monghali Moleleki a re qeto eo e ba hlaketse hore e reretsoe hore bophelo ba hae le bo-mphato oa hae kahar’a lekhotla la DC bo felle hona moo.


O ile a hlalosa hore sechaba sa Ma-DC sa Machache le sechaba se utloileng mohoo oa hae oa kopano ea sechaba sa Basotho se mo laetse ho hlomela lehae le lecha lipolotiking tsa naha ea Lesotho.


Lekhotla lena le hlalositsoe le e-na le setho se le seng ha joale, ‘me tebello ke hore ha le se le e-na le balateli ho tla phatlalatsoa lebitso la lona le letšoao la teng.


Sena se etsahala kamor’a hore Lekhotla la Puso ea Sechaba (DC) le tšoare seboka sa tšohanyetso mafelo a sa tsoa feta a beke.


-Ka Mohale Majara


Motlotlehi ‘Masenate o ipiletsa ho bohle ho thibela HIV/AIDS

E le ho tlotla ba phelang le tšoaetso le ho hopola ba oeleng moleng oa ntoa ka lebaka la kokoana-hloko ea HIV /AIDS, Lesotho le tšoaile letsatsi la sehopotso la HIV/AIDS ka Labone le fetileng.

Mohoo oa selemo sena o re, ‘ha re phahamiseng matsoho ho thibela kokoana-hloko ea HIV.’
Tšebeletsong eo, Motlotlehi Mofumahali ‘Masenate Mohato Seeiso o ile a khakola mochini o tlil’o sebelisoa ho hlahloba bana kokoana–hloko hang ha ba qeta ho hlaha.


H’a bua tšebeletsong eo, Motlotlehi Mofumahali ‘Masenate o hlalositse hore maemo a HIV le TB a hlobaetsa ho sechaba sa Basotho.


A supa hore lipalo li nyolohile ho tloha ho 23.2% ka 2009 ho ea ho 35% ka 2014 ‘me lefu lena le atile ho basali le banana haholo.
Motlotlehi Mofumahali a supa hore tšoaetso e bonahala e phahame haholo litoropong ho feta metseng.


“Teka-tekano, ho se nke karolo hoa banna likoetlisong tsa lefu le ho tšoafa ho ea litsing tsa kokelo ho ea hlahloba ke tse ling tse nang le khahlamelo ea ho nyolla sekhahla sena,”a rialo.


H’a tsoelapele, a hlalosa hore boithuto ba naha bo supa ha kokoana-hloko e hlasela basali le banana ba lilemo li 13-35 ‘me ho hlokahala mekhoa e ka sebelisoang ho tsepamisa maikutlo haholo ho bao ba tlokotsing.


Ho feta mona o ile a leboha bo-mampoli ba phelang le lefu lena ka sebete le matla a ho bua ka litaba tsena phatlalatsa.


O boetse a ipiletsa ho Basotho ho qoba liketso tse behang sechaba tsietsing, ho tšoarana ka matsoho le ho felisa HIV/AIDS ka 2030.


A thoholetsa Lesotho ka ho ipabola ho ba naha ea pele Afrika le ea bobeli lefatšeng ho kenya leano la ‘hlahloba o noe litlhare.’
Ha a tlatsa litaba tsa Motlotlehi Mofumahali, Moemeli oa Amerika naheng ea Lesotho, Monghali Matthew Harington le eena o thoholetsa Lesotho ka leano la ‘hlahloba o noe litlhare’ kaha le thusa Basotho hore ba qale litlhare pele sesole sa bona sa ‘mele se theoha.


A re Basotho ba hlahlobile ka bongata selemong sena papisong le lilemo tse fetileng ‘me ke palo e kaalo ka 600 000 athe ba 33 000 ba litlhareng.


A re ke taba e khothatsang ea katlehisong ea leano leo ‘me e fana ka tšepo ea ho fihlela batho ba 80 ho ba lekholo kanetsong ea litlhare.


Molula-setulo oa Komisi e shebaneng le litaba tsa AIDS (NAC), Reverend Tšeliso Masemene o hlalositse hore letsasi leo le reretsoe ho hlokomelisa sechaba ka litaba tsa HIV/AIDS le ho bontša bonngoe ho ba phelang le lefu lena le ho hopola ba oeleng moleng oa ntoa.


A re ka lilemo tse 30 tse fetileng naha e ile ea tobana le tahlehelo e kholo ea Basotho ke lefu lena, ‘me ebile taba e bohloko ho ba phetseng le sekhobo le ho nenoa ka lebaka la HIV/AIDS.


A re naha e tlameha ho sebeletsa ho kata tšoaetso tse ncha le lefu le bakoang ke kokoana-hloko ena ‘moho le sekhobo.
A eketsa ka hore thibelo le ho fetola boitšoaro li ka thusa haholo kaha Basotho ba na le thuto litabeng tsena.


E mong oa bo-mpoli ba phelang le tšoaetso Mofumahali ‘Macorina Phakisi ebile e le setho sa mokhatlo oa LENEPHWA o itse ba ikemiselitse kahohle ho fana ka tšehetso le ho kenya letsoho litabeng tsa HIV ho pholosa Basotho.


A re ke boikarabello ba Mosotho ka mong ho thibela litšoaetso tse ncha le ho nena sekhobo le khethollo ho loantša lefu lena.


Ho sa le joalo, Motlatsi oa Tona-kholo Monghali Mothetjoa Metsing o ile a tlotla ka ho abela mangolo batho ba phelang phatlalatsa le ho fana ka tšehetso litabeng tsa HIV/AIDS.


Letsatsi lena le tšoauoa lefatšeng ka bophar’a ka la 01 Tšitoe selemo le selemo.


-Ka Mohale Majara