Motlatsi oa mehleng oa Moetapaele oa Lekhotla ea Puso ea Sechaba (DC), ebile e le Mokhethoa oa Machache Monghali Monyane Moleleki o re o entse qeto ea ho theha lekhotla le lecha la lipolotiki.
Sena se hlahelletse ‘mokeng oa baphatlalatsi ba litaba ka ‘Mantaha. Monghali Moleleki o re sena se tla kamor’a hore eena, Mongoli e moholo le litho tse ling tse robeli ba behelloe ka thoko ho komiti e kholo ea DC nako ea lilemo tse tšeletseng.
“‘Me nakong ena eo re beheletsoeng ka thoko re keke ra emela likhetho tsa likomiti makalaneng a bona, mabatooeng le likomiti tse kholo tlas’a Lekhotla la DC.”Continue...
E le ho tlotla ba phelang le tšoaetso le ho hopola ba oeleng moleng oa ntoa ka lebaka la kokoana-hloko ea HIV /AIDS, Lesotho le tšoaile letsatsi la sehopotso la HIV/AIDS ka Labone le fetileng.
Mohoo oa selemo sena o re, ‘ha re phahamiseng matsoho ho thibela kokoana-hloko ea HIV.’
Tšebeletsong eo, Motlotlehi Mofumahali ‘Masenate Mohato Seeiso o ile a khakola mochini o tlil’o sebelisoa ho hlahloba bana kokoana–hloko hang ha ba qeta ho hlaha. Continue...
Batho ba nang le bokooa ba ile ba khobokana ka bongata ho tsoa literekeng tse leshome tsa naha Mafeteng ho keteka letsatsi la machaba la batho ba nang le bokooa ka Labohlano.
Mokete o qalile ka mokoloko oa khotso ho tloha selikalikoeng sa sephethephethe ka har’a toropo ho ea lebaleng la Leshoboro.
H’a bua lebitsong la batho ba nang le bokooa, Motlatsi oa Molula-setulo oa ‘Mamekhatlo oa batho ba nang le Bokooa (LNFOD) Monghali Sam Letima o itse ke nako ea hore Lesotho le hlahlobe le ho kenya tšebetsong melao e sireletsang litokelo tsa batho ba nang le bokooa. Continue...
Ke Lethusang Daniel Kompi. Ke hlahetse haeso Emqhekezweni Botheta Letlapeng Phamong Mohale’s Hoek ka la 3 ‘Mesa 1960. Ke ngoana oa bobeli oa mofu Ntate Leroma le ‘M’e ‘Malebohang Kompi. Re tsoetsoe re le bahlano lapeng, ngoanana o mong.
Ntate of fetile ka 1985. ‘M’e e ne e le Ausi Nonkole Khesa oa Liqala Qomo-Qomong, Quthing.
Ke na le molekane, ‘M’e ‘Mamonyane Kompi, re nyalane ka 1985. E ne e le Ausi Julia Mokoteli oa Phamong Ha-Khoai. Re sitsitsoe ka bana ba bararo, letsibolo Monyane; e-be Lephethephethe, eo hore a hlahe nako ea lihoranyana a thoba; khaitseli ea bona ‘Malikonelo, le setloholo sa ngoanana, Noziqa Kompi. Continue...
Banna ba babeli Tumelo Mokhethi (21) le Lehlohonolo Mokhethi (28) ba Taung Mohale`s hoek ba ahlotsoe ho hlola ntloana-tšoana lilemo tse 6 ke lekhotla la ‘Maseterata Maseru ka ho fumanoa ba le molato oa ho utsoa le ho pshatla.
Lengolo la qoso le hlalositse hore ka la 18 Phato bobeli bona ka maikemisetso le kathoko ho molao, bo ile ba utsoa thepa ea boleng ba M166.698 oa le-India Ansley Heezah.
Continue...